‘Muso o phephethela Meshu Mokitimi ka lereng ha se Mosotho

‘Muso o phephethela Meshu Mokitimi ka lereng ha se Mosotho
November 7, 2025

LATEST NEWS

‘Muso o phephethela Meshu Mokitimi ka lereng ha se Mosotho

Ka letsatsi lena 6 Pulungoana 1961, Mosotho ea bitsoang Mohau “Meshu” Mokitimi, o ile a hloloa ke nyeoe ea hore ke Mosotho, moo a neng a hanana le ho lelekoa. 

Khang ea ‘muso e ne e le hore Meshu Mokitimi eo e neng e le mocha ea matla oa Lekhotla la Mahatammoho (BCP) ha se Mosotho ka hona a lelekoe. 

‘Muso o ne o re Meshu Mokitimi a isoe sehlekehlekeng se se nang batho sa Saint Helena, lipakeng tsa Afrika le Amerika. 

Saint Helena ke moo mohatelli ea neng a bitsoa Napoleon oa ho liha puso ea borena naheng ea France eaba o ipitsa morena a neng a felle teng. 

Empa Basotho ba bangata ho kenyeletsoa le marena ba ile ba hanana le qeto eo ea ‘muso oa Lesotho oa makhooa. Eaba Meshu Mokitimi eo kajeno eleng setaki se hloahloa o phonyoha ho isoa kholehong Saint Helena.

Share this post:

POLL

Who Will Vote For?

Other

Republican

Democrat

RECENT NEWS

SENATE PASSES LAW SOCIETY (AMENDMENT) BILL TO EXTEND COUNCIL TERM

SENATE PASSES LAW SOCIETY (AMENDMENT) BILL TO EXTEND COUNCIL TERM

NAC lines up activities ahead of AIDS Day - The Reporter Lesotho

NAC lines up activities ahead of AIDS Day – The Reporter Lesotho

Lesotho and Qatar Sign Bilateral Labour Agreement to Strengthen Employment Cooperation

Lesotho and Qatar Sign Bilateral Labour Agreement to Strengthen Employment Cooperation

Dynamic Country URL Go to Country Info Page