Ka letsatsi lena 15 Ts’itoe 1958, James Johnson, moparamente oa Manyesemane o ile a isa potso paramenteng ea Brithane hore na khethollo ea ‘mala Lesotho e tla fela neng.
Johnson o ile a bonts’a ha libaka tse kang hotele ea Lancers Inn, Maseru, e hanela Basotho ho kena moo e lumella makhooa feela. Le Motlotlehi Mofumahali ‘Mants’ebo o’a haneloa.
Lancers Inn e ne e se ngoe, le libaka tse kang Maseru Club, Basotho ba ne ba sa lumelloa ho kena.
Johnson a boetse a re ke kapele hakae ho tla etsoa feme ea likobo Lesotho ka lereng Basotho ba na le linku tse fetang 1 million empa ho nkuoa boea ba linku tsa bona ho etsoa likobo linaheng tsa kantle li khutlele Lesotho ho tla rekisetsoa Basotho.