Ka letsatsi lena 28 Tlhakubele 1869, ‘musisi oa Lesotho oa ka nako eo, James Henry Bowker ebile ele mothehi oa teropo ea Maseru, o ile a ngolla ‘musisi e moholo oa Kapa (Cape Colony) eleng Philip Wodehouse, a mo tsebisa ka ngongoreho ea morena Moshoeshoe.
Lengolong lena leo e neng ebile ele lekhetlo la pele ho sebelisoa lebitso Maseru litokomaneng, Bowker o ne a tlaleha hore morena Moshoeshoe o bohloko ke taba ea hore Maseru e entsoe motsemoholo a sa rerisoa.
Eka Bowker o ne a tlalehele morena Moshoeshoe hore ka Tlhakubele 1868 ha motsemoholo o tlosoa Thaba Bosiu o isoa Mokema ke Lieutenant Colonel Walter Currie morena Moshoeshoe ha a ka tsebisoa. Joale leha motsemoholo o tlosoa Mokema o isoa Maseru, ha ho se tlamang Bowker ho tsebisa morena Moshoeshoe ka ha naha ene ese e busoa ke makhooa.