Ba leka “ho liha ‘muso”

Ba leka “ho liha ‘muso”
August 30, 2025

LATEST NEWS

Ba leka “ho liha ‘muso”

Ka letsatsi lena 30 Phato 2014, sesole sa Lesotho se ile sa hlasela sepolesa sa Lesotho moo ho ileng hoa bolaoa lepolesa le le leng. 

Lepolesa lena Mokheseng Ramahloko (ea apareng bofubelu a nkile lipalesa fotong) o tlalehoa a ne a tsekisoa “ho hana ho bula polokelo ea libetsa ea sepolesa (armoury)”. Eaba sesole sea ‘molaea. 

Ho feta mona eo e neng ele tonakholo ka nako eo, Motsoahae Thomas Thabane, mohatsa hae ‘Maesiah Thabane, ‘moho le Thesele ‘Maseribane le Keketso Rants’o (ea reng eena o ne a bile a tenne night dress) bao e neng ele matona, ba ne ba ts’ole tlhako morong ba tsoa kahara naha ka lereng “masole a lihile ‘muso”. 

Ho feta mona liealemoea kaofela tsa khaoloa moeeng. 

Sesosa eka ka la maobane, Thabane o ne a hlabise Tlali Kamoli (ea apereng selampa fotong) ka monkhoane ka la maobane eleng la 29 Phato 2014, empa eo a itulela ka manganga. Khang ea hae eaba hore Thabane ha a “sa na lipalo”. Thabane o ne a batla ho beha Maaparankoe Mahao ele eena molaoli oa sesole.

The post Ba leka “ho liha ‘muso” appeared first on Lesotho Tribune.

Share this post:

POLL

Who Will Vote For?

Other

Republican

Democrat

RECENT NEWS

OVER M2 MILLION ALLOCATED FOR QUTHING DEVELOPMENT FUND

OVER M2 MILLION ALLOCATED FOR QUTHING DEVELOPMENT FUND

Lesotho to host SADC water dialogue - The Reporter Lesotho

Lesotho to host SADC water dialogue – The Reporter Lesotho

Lesotho Youth Initiative Praised for Driving Sustainable Development

Lesotho Youth Initiative Praised for Driving Sustainable Development

Dynamic Country URL Go to Country Info Page